METHEO E AKARETSANG YA THAROLLO YA DIQABANG
METHEO E AKARETSANG YA MOLAO YA THAROLLO YA DIQABANG E HLOPHISITSWE KE KAROLO YA SETJHABA, THUPELO YA MOLAO, KHOLEJE YA TOKA.
Ho na le phapang ya bohlokwa mahareng a ho ahlola qabang le ho thusa mahlakore a mabedi ho rarolla qabang.
Ka ho ahlola, motho eo e seng e mong wa ba qabang o etsa qeto ka qabang, mme qeto eo e ka behwa hodima mahlakore ka bobedi.
Moo e leng hore motho eo e seng e mong wa lehlakore a thusa mahlakore ho rarolla qabang re re hona ke poelano.
Moo e leng hore mahlakore a leng qabang a rarolla qabang ya ona ka ntle ho itshunya ha ntshunyekgare, hona e tla ba tsamaiso ya puisano mahareng a mahlakore ka bobedi.
MEKGWA YA HO AHLOLA YA THAROLLO YA QABANG
Motho ya etsang qeto ka qabang ke moahlodi.
Baahlodi makgotleng ba fumana matla a ho ahlola ka ho hirwa ho ya ka dipehelo tsa molao.
Ho ka etsahala hape ka mahlakore qabang hore a romele qabang ya ona hore e ahlolwe ke motho eo ba dumellanang ka yena hore a ahlole. Dikonterakeng tse ngata mahlakore a kenyeletsa serapa ho ya ka dipehelo tseo ba dumellanang ka tsona hore qabang efe kapa efe e bang teng pakeng tsa bona e bang teng ka lebaka la konteraka e tla lebiswa ho moahlodi. Moahlodi a ka bitswa kapa serapa se ka fana ka mokgwa wa ho sebetsa wa ho hira moahlodi, ho tea mohlala mmuelli ya hirilweng ke Mokgatlo wa Molao.
Tumello ya ho mamela ho ahlola ha e hlokehe, le ha ho le jwalo, hore e hlalose jwalo. Setjhabaneng se seng kapa lelapeng, ho ka ba le tumellano e amohelwang feela yah ore qabang e tla romelwa hore ho etswe qeto ke hlooho ya setjhabana kapa lelapa hobane ke ona moetlo o tlwaetsweng.
KAHLOLO MAKGOTLENG
Qabang eo ho entsweng qeto ka yona ke moahlodi ya hirilweng ke mmuso.
Mahlakore ka bobedi ha a na boikgethelo ba hore ke mang ya tla ba moahlodi.
Mokgwa wa ho sebetsa o balletsweng ke melao ya lekgotla, molao kapa moetlo.
Mokgwa wa ho sebetsa o ka ba kgahlanong kapa wa ba wa dipotso.
O ka ba o boima ho mahlakore hore a tswele pele ka ntle ho boemedi ba molao.
Qeto e be ka moo ho tlamehang ka teng ka se etsahetseng pele.
Qeto e tlama mahlakore ka bobedi.
Qeto e tlamang ho ka phethwa ke mohlanka wa mmuso kapa ditsamaiso tsa lenyatso.
Qeto e ka nna ya nkuwa ka boipiletso lekgotleng le phahameng.
Diqeto tsa Lekgotla le Lenyenyane di ka nkuwa ka ho hlahlojwa hape.
Ya lahlehetsweng ka kakaretso o lefa ditshenyehelo a dumellwa ka ho sebedisa babuelli.
Ha ho ditefello tsa lekgotla ka ntle ho setempe sa lekgetho tsamaisong ya pele.
Ela Hloko: Lekgotla le lenyenyane la dinyewe ke le ikgethileng ka hore tsamaiso ya teng ke eo ho botswang dipotso ho lona, mme mahlakore ka bobedi ha a emelwa ke babuelli.
BONAMODI
Mahlakore a kgetha moahlodi (monamodi).
Moahlodi e ka ba setsebi mosebetsi wa hae.
Mahlakore ka bobedi a na le boikgethelo bo boholo ka tsamaiso.
Tsamaiso e ka ya kgohlano kapa ya dipotso.
Ho hlokeha ha boemedi ba molao bo tswa ho kgethweng ha tsamaiso.
Moahlodi ha a tlangwa ho hang ke se etsahetseng pele.
Qeto e tlama mahlakore ka bobedi.
Qeto e lokela ho etswa taelo ya lekgotla hore e ka phethwa.
Ha ho na boipiletso lekgotleng ? a ka dumela ka boipiletso mabapi le ba/moahlodi.
Ho ka etswa qeto ka ho hlahloba hape Lekgotla le Phahameng.
Ya lahlehetsweng ka kakaretso o lefa ditshenyehelo a dumellwa ka ho sebedisa babuelli.
Ditefello tsa ba/moahlodi di lefuwa ke mahlakore ka bobedi.
THAROLLO YA QABANG KA MAHLAKORE KA BOBEDI
PUISANO
Mahlakore ka bobedi a rarolla qabang ka boona.
Ha ho na ntshunyekgare e thusang ka tharollo ya qabang.
Tsamaiso e matsohong a mahlakore ka bobedi ka botlalo.
Lehlakore ka leng le ka nna le, empa ha le a tlameha, ho sebedisa baeletsi ba molao.
Tharollo ya qeto e phethahatswang e le tumellano (konteraka)
Sephetho se itshetlehile hodima matla le bokgoni ba mahlakore ka bobedi.
Ha ho na ditshenyehelo tsa molao mabapi le ha o ipatlela moeletsi ka tsa molao ha a ka sebediswa.
BONAMODI/POELANO
Mahlakore ka bobedi a rarolla qabang ka boona.
Motho wa boraro o thusa tharollong ya qabang.
Tsamaiso e laolwa ke monamodi a buisane le mahlakore ka bobedi.
Baeletsi ba molao ba lehlakore ka leng ha ba ke ba kenyeletswa tsamaisong.
Tharollo ya qeto e phethahatswa e le tumellano.
Sephetho se ka nna sa eba sa ho hlola ka mahlakoreng a mabedi.
Mahlakore ka bobedi a lefa ditshenyehelo tsa monamodi, ha eba di teng.
DINOUTSU KA BONAMODI/ POELANO
Ena ke tsamaiso eo motho wa boraro, moahlodi a thusang mahlakore ka bobedi ho ba qabang ho rarolla qabang ya bona. Ho ka hlaloswa e le puisano e thusitsweng.
Hantlentle, ha mahlakore a romela qabang hore e ahlolwe, e be ka boithaopo feela, empa molao, moetlo kapa tumellano e ka nna ya batla hore mahlakore a romele qabang ya ona bonamoding.
Hantlentle, bonamodi e tlameha hore e be motho ya tla amohelwa ke mahlakore ka bobedi ba ona, eo e seng setho sa lehlakore lefe kapa lefe kapa qabang efe kapa efe ka tsela e itseng. Monamodi a sebetse ka ntle ho leeme.
Monamodi ha a etsetse mahlakore qeto. Mosebetsi wa monamodi ke ho thusa mahlakore ho rarolla qabang ka boona.
Monamodi o tlameha ho thusa mahlakore ho hlola ka ho lekana ka qabang ya ona e le hore ha ho na lehlakore le hlotsweng. Ena ke taba ya bohlokwa haholo ha mahlakore a tla kapa a ka tswela pele ka ho tlwaelana, hobane ho lehloyo le utluwang ke ya hlotsweng le thibela ho se utlwane.
Ha ho na molao o laolang bonamodi ka kakaretso, empa mefuta e itseng ya bonamodi e ye e etswe hore e be teng ka bongata ke molao, ho tea mohala, diqabang tsa mosebetsi ka Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi le diqabang tsa tikoloho mahareng a makala a mmuso ho ya ka Molao wa Taolo wa Tikoloho wa 1998. Ha ho se na molao o jwalo o tobileng taba ena, tsamaiso le ho kgethwa ha monamodi ho matsohong a mahlakore. Tumellano ya ho namola e ka ba teng ha qabang e ba teng mahareng a bona ka mora nako e itseng, ho dumellanwa hore diqabang tse jwalo di tla sebetswa ka bonamodi.
Tumellano ya ho romela qabang bonamoding ha e tlame hore ho ngolwe, empa tumellano e ngotsweng ke ya bohlokwa hobane e thusa ho theha botsitso le ho hlaka ka tsamaiso ya bohle ba kenyang letsoho.
Mosebetsi wa monamodi ho mahlakore ka bobedi ke ho hlokomela hore ho be le sephiri. Ka bomadimabe, molao wa Afrika Borwa ha o so kenyeletse banamodi ka monyetla wa ho ba le matla a ho hana ho hlahisa bopaki lekgotleng tsebo e batlwang ha ho namolwa. Dinyeweng tsa phedisano monyetla o kenyeletsang ka boona dipuisano tsohle tse batlang ho rarolla qabang, di ka sebediswa hape, mme mahlakore a ka tiisa taba ena ka ho bua a dumellana ka hore dipuisano tsohle tseo e leng karolo ya tsamaiso ya bonamodi di dumelletswe. Ditsamaisong tsa bosenyi ho batla monyetla o jwalo ha o na ho atleha ha eba monamodi a ne a ka bitswa hore a fane ka bopaki.
Ka kakaretso, monamodi ha a tlameha, ho ya ka molao, ho ba le mangolo a bonamodi, empa ke taba ya bohlokwa hore monamodi a be le kutlwisiso e felletseng ya ho tseba metheo e busang bonamodi le melawana ya bomorabe e tsamaelanang le taba eo, jwalo ka molawana wa ?audi alterem partem?.
